MATSHWAO: 80
Memorandamo ona o na le maqephu a 6.
PAMPIRI YA 1 (P1)
KEREITE YA 12
KAROLO YA A: TEKOKUTLWISISO
POTSO YA 1
TEMA YA 1
E ne e le basadi ba dilemong tse fetang 40. 
Ke ka lebaka la hobane ha le kgetholle mme le bile le bolaya basadi ka bongata bo makatsang. 
Ho hlaloswa hore kankere ha e kgetholle batho/basadi ho ya ka dilemo tsa bona, e hlasela basadi kaofela. 
Tjhev, ha a kgetholle hobane o bontsha le ho lemosa batho hore lefu lena le ka tshwara mosadi e mong le e mong ho sa kgethollwe morabe le mmala wa hae
Ha hlahala e phatloha, e kena methapong ya madi e phalle le madi mme ebe e tlalatlala mmeleng e nto itulela moo e ratang mmeleng wa motho. 
Ev; setjhaba se ka fola molemo ka ho itlhahloba. Sena se ka etsa hore motho a thibele kankere e sa qala mmeleng. 
E ke dumellana le onav. Ha batho bohle ba ka tseba ka lefu lena mme ba tseba le ho itlhahloba lona ba tla tseba ho e elellwa e sa qala mme ba ka fumana pheko kapele. 
TEMA YA 2
Phoka kopi e tjhesang o utlwe ha mahlaba a fela pele kopi e fela. 
Batswadi/Bommev. Ho thwe e kgethwa/ratwa ke bona. 
Sepheo ke ho toboketsa/hatella hore Medsip ha se sopho. 
Ke mohopolo feelav. Ke pheteletso, hobane mahlaba a ke ke a nyamela kapele hakaalo
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A:
KAROLO YA B: KGUTSUFATSO
POTSO YA 2
Kgato
Matshwao
E babatsehang
Ha ho na diphoso; e kgutshwane e bile e toma; e bontsha kutlwisiso ya potso. Nehelano le tatellano ya dintlha e a babatseha mme o na le dintlha tsohle tsa bohlokwa.
E kgabane
Boholo ba dintlha tse ka hodimo di a hlahella mona le ha nehelano e se e hlwahlwa hakaalo (jwalo ka e ka hodimo).
E kgotsofatsang
E a utlwahala. E kgutshwane le ha e se hakaalo; e kenyeleditse le dintlha tse sa hlokahaleng. Nehelano e batla e kentse dintlha kaofela tsa bohlokwa.
E lekaneng
Dintlha tse jereng mehopolo ya sehlooho tse etsang 50% di a hlahella le ha dintlha tse ngata tseo e seng tsa bohlokwa di senya phethahalo ya tema. Nehelano ya dintlha tsa hae ha se e ntle hakaalo.
E mahareng
Momahano e a fokola; mantswe ha a sebediswa ka paballeho (a mangata tlolo). Ha ho tatellano e ntle ya dintlha nehelanong ya hae. Dintlha tsa hae di batla di lobokane di sa utlwahale hantle, mme dintlha tsa bohlokwa di a haella. Mona le mane ho na le puo e nang le dipha (diphoso) le ha dintlha tsa hae di mo beha mahareng.
E karolwana feela
Kutlwisiso le bokgoni ba ho ngola kakaretso ke tse haellang. O sebedisa puo e nang le diphoso haholo e bileng e sa utlwahaleng hantle. Boholo ba dintlha tsa hae ke tse tswileng lekoteng empa o na le bonyane ntlha e le nngwe e nepahetseng. O etsa boiteko bo itseng ba ho akaretsa ditaba tsena (ho araba potso) empa o fokollwa ke kutlwisiso ya se batlehang (potsong ena).
Ha a bontshe kutlwisiso ya se batlehang potsong ena. Dintlha tseo a nehelaneng ka tsona ha se tse utlwisisehang. Ho bonahala bopaki ba hore moithuti o tsamaile a qotsa dintlha tse ding ho tswa temeng ya sethato jwalo ka ha di le jwalo, mme ho se le nyallano ya letho.
Beke di nne dithuto di qadile yunivesithing ya Turfloop. Mekete ya ho bula selemo e fedile. Jwale barupelli ba batla mosebetsi wa bona. Barupelli ba bang ba hlwahlwa, ba tseba seo ba se etsang ha ba bang ba jesa baithuti boloko. Ba tsebang seo ba se etsang ba kgothatsa baithuti. Ho teng baithuti ba tletseng papadi le ho ithabisa empa mosebetsi o salla morao. Ba jwalo ba phetapheta sehlopha ka makgetlo.
Palo ya mantswe = 70
Kabo ya matshwao: 1. Ho ngola ka mantswe a hae
Palo ya mantswe
Dintlha
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B:
KAROLO YA C: THUTAPUO LE TSHEBEDISO YA PUO
POTSO YA 3
Ha sala ho thotse tu mona bookelong
Ka hoo ka lokela ho leka matsapa
E nngwe = A ko ntlisetse panana e nngwe.
E mpe = Ke jele panana e mpe
E mong = Ke fumane mothusi e mong 
Motshwayi a hlokomele hore ke mehlala feela.
Ke habile ho ipholosa
Ka badisa le leng la ona
Hasana ho qhalana ka mokgwa wa ho tlatlala hohle fatshe
Ha ke utlwa tsena ka tlalellana/bipetsana
Ke ne ke dutse ke le mong to! 
Mangole a ka a ntse a nthusa ho ya fihla ho lona 
KAPA
Mangole a ka a sa nthusa ho ya fihla ho lona
Ena ke potso e sa kang ya ntshosa
Basebetsi ba binela tlase
Thoko e hlalosang
Koloi ya hae e fihlile mona e benya eka e ntjha
Ntlwanatshwana/Teronko ke lehae la batho ba ithuisang ka tsa ba bang
Nahana monahano = Ke ile ka fihlelwa ke monahano wa hore ke thobe mono bookelong. 
TEMA YA 2
Hlooho: ha e a sebediswa ho supa/bolela setho sa mmele empa boemo ba motho mosebetsing wa hae e leng boemo ba ho okamela batho
Letsoho: e seng setho sa mmele empa boemo ba motho ba ho ba mothusi. Ke yena motho ya haufiufi le e moholo
Ho sheba se itseng o sa tsitsisa maikutlo le mehopolo ho sona mme ka lebaka leo, o se sheba hang feela
Ho na le letona le seng le lelekilwe mosebetsing
Baetapele ba setjhaba ba lokelwa ke tlhompho. Tema e hlalosa hore phutheho e ile ya ema ka maoto ha tonakgolo le moifo wa hae ba fihla. Hape ba ba emela hore ba dule fatshe pele bona ba ka dula
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA C:
MATSHWAO A PAMPIRI ENA YOHLE:
